MORERO WA MODIMO KA PHOLOSO�JOHANE 3:16

Bohle Ba Ka Tlasa� Sebe

�Hobane bohle ba sitilwe, mme ha ba tshwanelwe ke kganya ya Modimo� (Baroma 3:23)

Ba bang ba ile ba etsa sebe ho feta ba bang, empa bohle re yawa boemong ba Modimo.  �Ha re re, ha rena sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona�Ha re re ha rena sebe remo etsa ya leshano, le lentswe la hae ha leyo ho rona.�  (1 Johane 1:8,10).

Modimo O Rata Baetsadibe Bohle

�Lerato le bonahala hona moo hoba hase rona ba ratileng Modimo, empa e le wona o re ratileng, mme o romile mora wa wona hore e be pheko ya dibe tsa rona.�  (1 Johane 4:10).
�Empa moo Modimo o totisitseng lerato la wona ho rona teng, ke ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a shwa sebakeng sa rona.�  (Baroma 5:8).

Kreste O Shwetse Baetsadibe Bohle

Modimo mora wa shwa sefapanong a amohetse kahlolo ya Modimo bakeng sa dibe tsa rona.  �Le ntse le tseba hobane, hase ka tse bolang, hase ka silifera le ka kgauta le lopolotsweng mokgweng wa lona wa lefeela, oo le neng le o rutilwe ke bontata lona; empa e le ka madi a bohlokwa a Kreste konyana e se nang letheba le sekodi (1 Petoro 1:18,19)

Kreste O Lefile Melato Ya Dibe Tsa Rona

�Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, ka moo mangolo a bolelang ka teng, a ba a patwa, a tsoha ka letsatsi la boraro.� (1 Bakorinthe 15:3,4)

Bohle Re Pholositswe Ka Mohau

�Hobane le bolokehile ka mohau le tumelo, ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo, ha se ka mesebetsi, ho tle ho se ke ha eba motho ya ithorisang.� (Baefese 2:8,9)  Dumela ho Kreste jwalo ka mopholosi wa hao le seo Modimo aho etseditseng sona sefopanong.  �Ha ho le jwalo, re dumela hore motho o bewa ya lokileng ka tumelo, kantle ho mesebetsi ya molao (Baroma 3:28).

Bohle Ba Dumelang Ba Pholositswe

Diketso 16:31 ere,  �Dumela ho morena Jesu Kreste, mme o tla bolokeha.�  O kare �ke ho o feela?� ee, ke hoo FEELA, Bibele e rialo, ka pholoso.  �Jesu a re ho yena ke nna tsela, le nnete, le bophelo:  ha ho motho ya ka tlang ho ntate, haese ka nna.�  (Johanne 14:6)

KGETHO YA HAO KE ENG?

Ha o rata ho pholoswa sheba lehodimong o re, Ntate, ke o sitetse, ke amohela Jesu Kreste jwalo ka Morena le mopholosi waka, Amen.  O enale  tumelo ena o pholositswe ho isa ka ho sa feleng.
If you have questions or would like spiritual counsel please contact us
HomeAdultsAfricaBible StudyChildrenContact usFamilyMapsMeet the People, Prayer PalsPrayer RequestsTracts
Hosted by www.Geocities.ws

1